,SSO1505 Asaemente 3 POTEFOLIYO (COMPLETE
ANSWERS) Semesetrara ya 1 2025 - DUE May
2025; 100% TRUSTED Complete, trusted solutions
and explanations.
MULTIPLE CHOICE,ASSURED EXCELLENCE
POTSO 1 - DIPOTSO TSE KGUTSHWANYANE sso1507 Bala tema
e latelang o ntano araba dipotso tse tla e latela. FEKISI O HAOLA
NAHENG TSE OMILENG – THOMAS MOFOLO A re a ntse a
tsamaya, a fihla nokeng e kgolo, e mathang hara moru. A
qamaka, a qamaka, a bona moo difate di leng telele, di bile di
batla ho teana le tse ka mose. A hlwella ho tsona. Empa a
fumana hore a k eke a fihlela tse ka mose. Yaba o a theoha, a
hlobola. A qhoqhotsa ka molamu hara metsi, a fihlela hore tjhe,
ha ho tebe. A boya a jarella a kena metsing. O ile, o ile, o ile, ha
a le hare a re kgetshe, a tla fihla molaleng. Ha a nyolla leoto
hape, a phahama. Yare ha a qala ho ntsha leoto metsing, le leng
le sa le hona metsing, a bona kwena e tla e tlile ho yena, ya tla e
se e ahlame. A be a se a tswile metsing, mme a matha ho
baleha. Ha a ntse a matha jwalo. A ema hang thetheng-theng! A
bona monyamahadi wa noha, ntho e setopo se selelele-lelele. A
bona setopo, a sa bone hlooho. E le ntho e kgwadi e
mebalabala. A ema tlekelele! Koena kamorao, noha kapele! Ha
a re o re he, a bona hlooho haufi le yena. E mo tadimile, e
kgutsitse tu, e se e ntshitse maleme. A batla a eshwa ke
letswalo athe tjhe, ke dinoha tse mona tse bonolo tse senang
taba le motho. Yaba e mo fapoha e theohela ka nokeng. A qala
, a ntsha moya. Jwale a ikutlwa hantle hore o lahlehile, o tla
shwela hara naha, le hona haufi. A matha a ba a tswela ka
nqane ho moru. E qotsitswe le holokiswa ho tswa bukeng ya
Moeti wa Botjhabela, leq. 60-61 1.1 Diqhomi di qapodiswa ha
moya o nang le kgatello o lokollwa ka potlako sebakeng sa
qapodiso ya mantlha. Tlatsa dikgeo tafoleng e latelang moo o
bontshang qapodiso ya diqhomi Sesothong. Diqhomi Tumatu
Tumakodu Moya wa qoqotho Moya wa matshwafo 1 k 2 tlh (5)
1.2 Bolela hore ke medumo efe e fapaneng e boptjwang ke
dikarolo tse latelang tsa leleme. O be o bope lentswe ka
modumo ka mong. 1.2.1 Ntlha ya leleme (2) 1.2.2 Bohare ba
leleme (2) 1.2.3 Bokamorao ba leleme (2) 1.3 Sedisa dikutu tse
latelang tsa maetsi ho bopa lentswe le letjha. O be o le sebedise
polelong eo o ipopetseng yona. 1.3.1 Roma (3) 1.3.2 Eletsa 1.1
Polelong e latelang qolla metso e hlokang boikemelo le e
ikemetseng. E mo tadimile, e kgutsitse tu, e se e ntshitse
maleme. (4) 1.2 Dihlomathiso ke eng? (2) 1.3 Ke lentswe lefe le
bolelang ho bula molomo haholo polelong e latelang? ‘Yare ha a
qala ho ntsha leoto metsing, le leng le sa le hona metsing, a
bona kwena e tla e tlile ho yena, ya tla e se e ahlame.’ (2) 1.4
Lekola mantswe a ntshofaditsweng polelong e latelang. ‘A bona
setopo, a sa bone hlooho.’ 1.5 Sebedisa lentswe ‘setopo’ ka
moelelo o fapaneng le oo le sebedisitsweng ka ona polelong e
ka hodimo. (2) 1.6 Bopa polelo, mme o sebedise lentswe
‘hlooho’ ka moelelo o ritsitseng. (2) 1.7 Sehlongwanthao ke
karolo e sebediswang katolosong ya leetsi. Sebedisa motso ona
wa leetsi ‘batl-’, o fumanehang polelong e latelang ho bontsha