ANSWERS) Semesetrara ya 1 2025 - DUE May 2025; 100%
TRUSTED Complete, trusted solutions and explanations..
Ensure your success with us..
POTSO 1 - DIPOTSO TSE KGUTSHWANYANE sso1507
Bala tema e latelang o ntano araba dipotso tse tla e latela.
FEKISI O HAOLA NAHENG TSE OMILENG – THOMAS
MOFOLO A re a ntse a tsamaya, a fihla nokeng e kgolo, e
mathang hara moru. A qamaka, a qamaka, a bona moo difate di
leng telele, di bile di batla ho teana le tse ka mose. A hlwella ho
tsona. Empa a fumana hore a k eke a fihlela tse ka mose. Yaba o
a theoha, a hlobola. A qhoqhotsa ka molamu hara metsi, a fihlela
hore tjhe, ha ho tebe. A boya a jarella a kena metsing. O ile, o
ile, o ile, ha a le hare a re kgetshe, a tla fihla molaleng. Ha a
nyolla leoto hape, a phahama. Yare ha a qala ho ntsha leoto
metsing, le leng le sa le hona metsing, a bona kwena e tla e tlile
ho yena, ya tla e se e ahlame. A be a se a tswile metsing, mme a
matha ho baleha. Ha a ntse a matha jwalo. A ema hang thetheng-
theng! A bona monyamahadi wa noha, ntho e setopo se selelele-
lelele. A bona setopo, a sa bone hlooho. E le ntho e kgwadi e
mebalabala. A ema tlekelele! Koena kamorao, noha kapele! Ha
a re o re he, a bona hlooho haufi le yena. E mo tadimile, e
kgutsitse tu, e se e ntshitse maleme. A batla a eshwa ke letswalo
athe tjhe, ke dinoha tse mona tse bonolo tse senang taba le
motho. Yaba e mo fapoha e theohela ka nokeng. A qala a ntsha
moya. Jwale a ikutlwa hantle hore o lahlehile, o tla shwela hara
naha, le hona haufi. A matha a ba a tswela ka nqane ho moru. E
, qotsitswe le holokiswa ho tswa bukeng ya Moeti wa Botjhabela,
leq. 60-61
1.1 Diqhomi di qapodiswa ha moya o nang le kgatello o
lokollwa ka potlako sebakeng sa qapodiso ya mantlha. Tlatsa
dikgeo tafoleng e latelang moo o bontshang qapodiso ya
diqhomi Sesothong. Diqhomi Tumatu Tumakodu Moya wa
qoqotho Moya wa matshwafo 1 k 2 tlh (5)
1.2 Bolela hore ke medumo efe e fapaneng e boptjwang ke
dikarolo tse latelang tsa leleme. O be o bope lentswe ka
modumo ka mong.
1.2.1 Ntlha ya leleme (2)
1.2.2 Bohare ba leleme (2)
1.2.3 Bokamorao ba leleme (2)
1.3 Sedisa dikutu tse latelang tsa maetsi ho bopa lentswe le
letjha. O be o le sebedise polelong eo o ipopetseng yona.
1.3.1 Roma (3)
1.3.2 Eletsa
1.1: Vocabulary and Phonetic Analysis
1.1: Diqhomi di qapodiswa ha moya o nang le kgatello o
lokollwa ka potlako sebakeng sa qapodiso ya mantlha.
Diqhomi refers to "sound or sounds" or phonetic signals
that are produced under pressure.