SSO1505 Assignment 3 PORTFOLIO (DETAILED ANSWERS) Semester 1 2025 - DISTINCTION GUARANTEED
SSO1505 Assignment 3 PORTFOLIO (DETAILED ANSWERS) Semester 1 2025 - DISTINCTION GUARANTEED - DISTINCTION GUARANTEED - DISTINCTION GUARANTEED Answers, guidelines, workings and references ,... OTSO 1 - DIPOTSO TSE KGUTSHWANYANE Bala tema e latelang o ntano araba dipotso tse tla e latela. FEKISI O HAOLA NAHENG TSE OMILENG – THOMAS MOFOLO A re a ntse a tsamaya, a fihla nokeng e kgolo, e mathang hara moru. A qamaka, a qamaka, a bona moo difate di leng telele, di bile di batla ho teana le tse ka mose. A hlwella ho tsona. Empa a fumana hore a k eke a fihlela tse ka mose. Yaba o a theoha, a hlobola. A qhoqhotsa ka molamu hara metsi, a fihlela hore tjhe, ha ho tebe. A boya a jarella a kena metsing. O ile, o ile, o ile, ha a le hare a re kgetshe, a tla fihla molaleng. Ha a nyolla leoto hape, a phahama. Yare ha a qala ho ntsha leoto metsing, le leng le sa le hona metsing, a bona kwena e tla e tlile ho yena, ya tla e se e ahlame. A be a se a tswile metsing, mme a matha ho baleha. Ha a ntse a matha jwalo. A ema hang thetheng-theng! A bona monyamahadi wa noha, ntho e setopo se selelele-lelele. A bona setopo, a sa bone hlooho. E le ntho e kgwadi e mebalabala. A ema tlekelele! Koena kamorao, noha kapele! Ha a re o re he, a bona hlooho haufi le yena. E mo tadimile, e kgutsitse tu, e se e ntshitse maleme. A batla a eshwa ke letswalo athe tjhe, ke dinoha tse mona tse bonolo tse senang taba le motho. Yaba e mo fapoha e theohela ka nokeng. A qala a ntsha moya. Jwale a ikutlwa hantle hore o lahlehile, o tla shwela hara naha, le hona haufi. A matha a ba a tswela ka nqane ho moru. E qotsitswe le holokiswa ho tswa bukeng ya Moeti wa Botjhabela, leq. 60-61 1.1 Polelong e latelang qolla metso e hlokang boikemelo le e ikemetseng. E mo tadimile, e kgutsitse tu, e se e ntshitse maleme. (4) 1.2 Dihlomathiso ke eng? (2) 1.3 Ke lentswe lefe le bolelang ho bula molomo haholo polelong e latelang? ‘Yare ha a qala ho ntsha leoto metsing, le leng le sa le hona metsing, a bona kwena e tla e tlile ho yena, ya tla e se e ahlame.’ (2) 1.4 Lekola mantswe a ntshofaditsweng polelong e latelang. ‘A bona setopo, a sa bone hlooho.’ 1.5 Sebedisa lentswe ‘setopo’ ka moelelo o fapaneng le oo le sebedisitsweng ka ona polelong e ka hodimo. (2) 1.6 Bopa polelo, mme o sebedise lentswe ‘hlooho’ ka moelelo o ritsitseng. (2) 1.7 Sehlongwanthao ke karolo e sebediswang katolosong ya leetsi. Sebedisa motso ona wa leetsi ‘batl-’, o fumanehang polelong e latelang ho bontsha dihlongwanthao TSE THARO tse fapaneng tsa lona. ‘A bona moo difate di leng telele, di bile di batla ho teana le tse ka mose.’ (6) SSO1505/101/3/2025 19 1.8 Qolla mahokedi polelong e latelang. ‘A bona monyamahadi wa noha, ntho e setopo se selelele-lelele.’ (4) 1.9 Ngola dipolelo tsena hape di se di bontsha hore ketsahalo e ho tsona e etsahetse nakong e fetileng. 1.9.1 Yaba e mo fapoha e theohela ka nokeng. (2) 1.9.2 Ha a matha jwalo. (2) 1.10 Hlalosa medumo e latelang; 1.10.1 Dipounama (3) 1.10.2 Tumapoumeno (3) 1.10.3 Ditumarenene (3) 1.10.4 Ditumahalapa (3) 1.11 Hlalosa ho bolelwa eng ka kodufatsollo. Hlakisa ka moo kodufatsollo e etsahalang ka teng, mme o tshehetse karabo ya hao ka mehlala E MMEDI. (8) 1.12 Qoqa ka ‘kutu’ ya mantswe a Sesotho. Matlafatsa karabo ya hao ka mehlala E MMEDI e manollotsweng ho latela sebopeho sa ‘kutu’ tsa lebitso le leetsi. (8) 1.13 Nehelana ka mefuta E MENE ya mahokedi o be o bope polelo e le nngwe mofuteng ka nngwe. (12) 1.14 Bopa dipolelo TSE PEDI tse bontshang meelelo e fapaneng ka lentswe ka leng ho a latelang; 1.14.1 Lebala (4) 1.14.2 Noka (4) POTSO YA 2 - POTSO E TELELE 2.1 Sekaseka polelo tlasa dintlha tse latelang. 2.1.1 Hlalosa hore polelo ke eng. (3) 2.1.2 Mefuta le mehlala ya dipolelo (10) 2.1.3 Mekga le mehlala ya dipolelo. (10) 2.1.4 Hlalosa polelwanakutu. (3)
Connected book
- 1994
- 9780781803052
- Unknown
Written for
- Institution
- University of South Africa (Unisa)
- Course
- Sesotho (SSO1505)
Document information
- Uploaded on
- February 15, 2025
- Number of pages
- 11
- Written in
- 2024/2025
- Type
- Exam (elaborations)
- Contains
- Questions & answers
Subjects
-
sso1505